Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Tahleho
Tahleho
Tahleho
Ebook136 pages2 hours

Tahleho

Rating: 4.5 out of 5 stars

4.5/5

()

Read preview

About this ebook

Tahleho (The forsaken one) is a drama in Southern Sotho. Motse ke wa Mosikong. Ke ha tsatsi le hlahlamela dithaba. Bahlankana ba babedi ba lemong tsa ho nyala, Tahleho le Lehlohonolo ba robile monakedi lapeng habo Tahleho, kamora mosebetsi wa letsatsi ...

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateNov 2, 2018
ISBN9781415461563
Tahleho
Author

KPD Maphalla

Kgotso Pieter David Maphalla o tswaletswe Bohlokong, Bethlehem, ho la Freistata, ka la 25 Hlakola 1955. Ke mora wa mme Melita Maphalla le ntate Mabusetsa Maphalla bao eseng e le bafu. O kene dikolo Bohlokong Lower Primary, Thabang Lower Primary, Khanyeng Higher Primary le Tiisetsang Secondary moo a phethetseng lengolo la materiki teng ka selemo sa 1974. Kamora moo o ile a ya ithutela dithuto tsa botitjhere mane QwaQwa koletjheng ya mehleng ya thuto, Tshiya moo a ileng a fumana lengolo la Primary Teachers Certificate ka selemo sa 1976. Ka selemo sa 1977 o ile a qala ho ruta sekolong sa Tshibollo Secondary se hona moo QwaQwa moo a rutileng dithuto tsa senyesemane le histori. Ka 1982 Maphalla o ile a boela hahabo Bohlokong moo a ileng a ruta puo eo a e boulellang le ho e rata haholo e leng ya Sesotho sekolong sa Thabo-Thokoza Secondary. Ka kgwedi ya Loetse selemong sa 1983 Maphalla o ile a lokela ho tlohella mosebetsi wa hae wa botitjhere kamora hore mmuso wa mehleng wa lehae la QwaQwa o neng o etelletswepele ke tonakgolo ya mehleng, Dr TK Mopeli o mo bitsetse ho ba mongodi, Lekgotleng la ketsamolao la lehae leo la QwaQwa.Dr KPD Maphalla o tsebahala haholo ka dibuka tsa hae tsa Sesotho. Maphalla o na le dibuka tse fetang mashome a mane a nang le metso e mmedi (42) tse kenyeleditseng dipadi (novels), dipalekgutshwe (short stories), dithothokiso (poetry) le dibuka tsa terama (drama books). O boetse o ngotse le padi ya senyesemane e leng, “A Tale of Two Fathers”, mme hape o ngotse le dibuka tsa phetolelo tsaSeburu ho ya puong ya Sesotho. Kgahlamelo ya bongodi ba hae e nametse boemong ba naha hoo le boholo ba dibuka tsa hae di sebediswang ke lefapha la thuto la naha dikolong, haholoholo dikolong tse phahameng. Hara dibuka tseo a di ngotseng re ka qoholla Tshiu tseo (padi), Botsang Lebitla (padi), Kabelwamanong (padi), Tahleho (terama), Makgaolakgang (dithothokiso) le Nna Ke Mang (padi). Dilemong tsa hae tsa ho qetela, o ne a ntse a kgwaritsa ka lesiba la hae la bongodi. Dibukeng tsa hae tsa moraorao re ka bua ka dibuka tse latelang, Mohlahlobi Tshita (padi ya bofuputsi), Ha maru a rwalellana (padi), Kgorula (dithothokiso), Bophelo ke dihaeya (padi) hammoho le tse ding tse ntseng di le ho baphatlalatsi. Ho boetse ho na le dibuka tsa dithothokiso tsenang le dintlha tse ding tsa thuto tse kentsweng ke ditsebi tse kgolo tsa puo tse kang Prof DJM Ngcangca le Prof BM Khotseng.Dibuka tse ding tsa hae di sebediswa ke baithuti ba dingolwa mafapheng a dipuo tsa Aforika diunivesithing tse fapaneng, Aforika Borwa. Ho na le baithuti ba dingolwa ba fumaneng Masters of Art Degrees ka mesebetsi ya hae. Hara bona re ka qoholla Prof. Mohlomi Moleleki ya ngotseng, “Some aspects of the poetry of KPD Maphalla” le Yvonne Makhubela ya ngotseng ka, “A stylistic analysis of the novels of KPD Maphalla.”Ntle le ho ba mongodi wa dibuka, Maphalla o ngotse le ditshwantshiso tsa diyalemoya tse jwalo ka Ramaruo e hasitsweng tlasa bohlahisi bomatla baTeboho Koekoe e ileng ya haswa ho Sesotho Stereo selemong sa 1975 ha mmoho le Kgomo boela hae e ileng ya haswa pheletsong ya dilemo tsa bomashome a supileng e tlasa bohlahisi ba sebapadi sa kalaneng se tsebahalang, Khotso (Ngwanabo/ Mopheme) Nkhatho.Dr KPD Maphalla o qadile ho ngola a le lemo tse leshome le metso e mehlano. Ka bongodi ba hae le dingolwa tsa hae tse ratwang o se a fumane dikgau tse letooto. Dilemong tse latelanang pakeng tsa 1991 le 1994 Maphalla e bile mohlodi wa mohope o potolohang wa mokgatlo wa bangodi wa Lesiba e leng mohope wa Moiloa. Ka 2005 lefapha la naha la bonono le setso le ile la tlotla Maphalla ka kgau e babatsehang ya boiphihlelo ba bophelo bohle (Lifetime Achiever Award) eo a ileng a e neheletswa ke letona la nako eo la lefapha e leng, Dr Pallo Jordan. Ka selemo se latelang sa 2006, lefapha la Freistata la dipapadi, bonono, setso le boikgathollo la abela Maphalla lengolo la tlotlo bakeng sa seabo sa hae se toma ntshetsopeleng ya puo ya Sesotho le dingolwa tsa yona. Ngaka Maphalla e bile mohlodi dikgaung tsa dingolwa tsa M-NET le De Jager Haum. Ka selemo sa 2009 e bile mohlodi mokgahlelong wa puo ya Sesotho dikgaung tsa dingolwa tsa Maskew Miller Longman. Nakong e fetileng lekgotla la dipuo la Aforika Borwa (PanSalb) e ile ya motlotla bakeng sa seabo sa hae se babatsehang seo a bileng le sona puong ya Sesotho (Dikgau tsa hae tse ding di kenyeleditswe profaeleng e felletseng ya mesebetsi, dibuka le dikgau tsa hae). Ka selemo sa 2007, Univesithi ya Freistata e ile ya tlotla KPD Maphalla ka lengolo la tlotlo la bongaka (Honorary Doctorate).

Reviews for Tahleho

Rating: 4.5 out of 5 stars
4.5/5

10 ratings1 review

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

  • Rating: 2 out of 5 stars
    2/5
    It is the way the author wrote in my language and it makes me picture every event like I was there. It's an excellent language and the way things are portraited in the southern sotho language and maele a sebedisitsweng di tuma puo tsa mantswe a sesotho

    1 person found this helpful

Book preview

Tahleho - KPD Maphalla

KGAOHANYO YA 1

PONAHALO YA 1

Morse ke wa Mosikong. Ke ha tsatsi le hlahlamela dithaba. Bahlankana ba babedi ba lemons tsa ho nyala, Tahleho le Lehlohonolo ba robile monakedi lapeng habo Tahleho, kamora mosebetsi wa letsatsi.

TAHLEHO: Hela, wa thaka, ebe le ntse le kganna jwang mane diofi-sing tsa motse, ha ke utlwa ka hlokwana la tsela hore boholo ba basebetsi moo ba nyaotswe kgweding ena e shweleng?

LEHLOHONOLO: E, ho jwalo ka ha o bolela weso. Ho nyaotswe ditlelereke tse tsheletseng tseo ke neng ke sebetsa le tsona moo diofising. Ba nyaoletswe mabaka a sa tshwaneng. E mong le e mong o nyaoletswe sepha sa hae, kaha dikenkeng tsa batho di sa tshwane, etswe batho e se meno.

TAHLEHO: Ba leleketswe manyampetla a kang afe hara mosebetsi o sokoleha tjee? Banna! Bao bashanyana ba tla ba bapala ka bohobe hara leqeme le le kana la mosebetsi.

LEHLOHONOLO: Ba leleketswe manyofonyofo a kang a botahwa mosebetsing; bolofa; ho phothatsa basadi ba batho le ho kgaruma batho ba batlang thuso moo diofising. Le boshodu bo teng weso.

TAHLEHO: Kgele! Ho ka ba ha nyaolwa batho ba tsheletseng kaofela rigs e le nngwe? Ebe ke bomang bona bao?

LEHLOHONOLO: O ba tseba hantle monna. Ke methaka e mona, boDiau, Kgaudi, Meleko, Tseko, Pikoko le Lekgwaba.

TAHLEHO: O reng na weso? O re le Pikoko o lelekilwe? Banna! Tjhee, ntho di a etsahala. Ho nyaolwa ho be ho nyaolwe le boPikoko? Pikoko diofising mono e ne e se eka ha hae. O ne a ka o thusa kamora hora tse tharo o fihlile moo, a kakalletse setulong, a peraladitse sakarete, a tutubetse a ntse a budulela mosi marulelong. Tjhe, o le tshabe lena lefatshe haeba Pikoko o nyaotswe. Banna!

LEHLOHONOLO: Pikoko o nyaotswe weso. Ke o bolella nnete eo ke e tsebang ka botlalo. Nnete eo ke leng paki ya yona.

TAHLEHO: Tjhee, o ntlhotse weso. Empa, ebe Diau yena o nyaoletsweng ha e se motho wa kgera tjee? Le basadi ha se motho wa bona Diau. O ba tshaba lebekebeke. Etswe ha ke kgolwe hore ho na le mosadi ya ka itihelang ho Diau hobane le ho shebeha ha a shebehe. Ke re tshwene e a ikgathatsa. Ebe jwale yena o leleketsweng?

LEHLOHONOLO: Yena o leleketswe boshodu. O letsoho eo mosha-nyana.

TAHLEHO: Tjhee, jwale o ntlhotse tlholo wa thaka. Ke ntse ke re ke a ba tseba bahlankana bao, athe ha ke ba tsebe hohang. Ke ne ke sa mo nahanele boshodu mohlankana eo. Banna, ho se tsebe ke lebote. Ke ntse ke hopola hore Diau ke e mong wa bana bao o ka ba siyang le ditsuonyana tsa hao ho di sireletsa dinaleng tsa phakwe, athe ke phakwe ya popota? Tjhee, jwale ha ke sa tseba letho.

LEHLOHONOLO: Nna ha nke be ke ithetse ke re ke tseba motho. Motho ke lempetje weso. Ha o ntse o re o ka etsa motho modisa wa dinku tsa hao, o tsebe hore o tshepile phokojwe. Nna ke tshepa ntja ho feta motho. Ke o bolella nnete.

TAHLEHO: Leha o ka thola ngwana monna. O se o nqetile ho nqeta. Ke maketse ho makala, empa ha ke a tshoha hobane lefatsheng mona motho o lebella eng kapa eng. Jwale Lekgwaba yena o nyaoletswe eng ha e ne e le motho ya hlomphehang hakaalo?

LEHLOHONOLO: Tjhee, jwale ke ntse ke elellwa hore o ne o sa e tsebe methaka eno. O ne o ntse o ba boha o le thoko feela. Eo mphato wa ka o ne a sa kotjele o ne a haula. O ne a sa kotjele feela, morao tjena o ne a se bohale o ne a tuka malakabe. O ne a kgaruma batho ha ba ne ba Hilo batla thuso ho yena. Ke re o ne a se a tella le batho ba baholo, a sa bone le maqheku. Ke lona lebaka le leholo le mmaketseng seeta. Ho kgaruma batho bao a leng moo mosebetsing wa hae o hlomphehang ka baka la bona.

TAHLEHO: Ao, ke ne ke ntse ke sa e tsebe he le eo taba. E, ruri mehlolo ke dinoha, mesenene ke batho! Ho hang ke ne ke sa mo nahanele ketso tse jwalo. (O a kgotsa)

LEHLOHONOLO: Tjhee, yena o ne o ke ke wa mo hlokomela hobane ha a ne a tsamaya mebileng mona o ne a iketsa konyana athe ke phiri e menahaneng ha supa. Mosebetsing e ne e se motho e ne e le tau eo mphato wa ka. E ne e le moikgantshi enwa wa haesale. Le rona o ne a ye a re makatse.

TAHLEHO: Kgele! Ka tla ka makala he banna! Ke ntse ke teana le batho mona mebileng athe ha ke ba tsebe le letho? Motho ke ntho e tebileng haholo. Jwale ha ke sa tseba.

LEHLOHONOLO: Ke o bolella nnete. Le moo mosebetsing, Lekgwaba o ne a ena le batho ba hae. O ne a le kerne lena le hlollang. Re ne re ye re be re mo kgalemele ha a se a kgaruma maqhekwana a batho a sa tsebeng letho ka tsa tsamaiso. E leng batho bao ba baholo, o ne a sa batle ho ba bona ka pela sefahleho sa hae. O ne a ba sosothela, a ba nyefola, a ba kgaruma jwalo ka ha eka ke ditlokotsebe tsa bashanyana, ba utswitseng diperekisi le hona. O ne a ba bolella ka moo ba ngolang hampe ka teng, le hore yena o ne a le siyo botjheng ba bona. Phoo! (O a tshwe-la) Ntho e mpe e a tshwelwa. Ke o bolella nnete.

TAHLEHO: Kgele! Ke re jwale ha ke sa tseba. Haeba ho jwalo, ba entse hantle bao ba mo lelekileng. O ne a fosahetse e le ka nnete.

LEHLOHONOLO: Shhh! (O beha letsoho molomong) Kgarebe ya Lekgwaba ke eo e feta ka tsela. A ka tloha a utlwa hore re tshwere dife. Hlo di tlohele. (Ho feta morwetsana, mme a dumedisa boTahleho. Bona ba dumella sehong. O a feta.)

TAHLEHO: Kgele, e motle enwa mosetsana ke a o jwetsa. O motle ba ho thothokiswa. Ebe Lekgwaba o qadile ka ho reng ha a ne a mo fereha? Banna, jwale ha ke sa tseba.

LEHLOHONOLO: Wena o qadile ka ho reng ha o ne o fereha Kesiilwe? O motle he le eo ngwanana, ke Seilatsatsi wa Mohale hantle. Mphe letsoho weso! Mono o kgethile o tonne mahlo. O ne o sa olle feela ntho e nngwe le e nngwe eo o teanang le yona. (O otlolla letsoho la hcze)

TAHLEHO: (O kobotetsa hlooho, mme o buela tlaase) Monna, ee . . e . . motswalle wa ka, ke . . . ke . . . jwale ha ke sa tse-ba.

LEHLOHONOLO: (O mo tonetse mahlo) Molato ke eng na jwale Ta-hleho? Ho se ho senyehile kae na jwale? Ke eng eka ha o rate ha ke bua ka Kesiilwe? Kapa ke a o hlomola, monna?

TAHLEHO: (O kgohledisa bohata) Monna, ho na le taba eo ke neng ke ntse ke re ke tla o bolella yona, empa ka bomadimabe ke mona o se o bile o bua taba tse tjena ke eso o bolelle.

LEHLOHONOLO: (O maketse) Ke taba efe eo monna? Ke mang ya hlo-kahetseng? Na ke Kesiilwe? (O a fufulelwa) Bua hle monna!

TAHLEHO: Lehlohonolo, a ko mmamele hle monna! Ke tla bua jwang o ntse o nkena hanong tjee? Mmamele hle moreso.

LEHLOHONOLO: (O phefumolohela hodimo) Ke o mametse weso. Le wena o bue o toba taba. O se ke wa nna wa ja methinya monna.

TAHLEHO: Monna, ha ke tsebe hore taba ena nka e phunya jwang, empa kaha o le motswalle wa ka, ke tla toboketsa feela.

LEHLOHONOLO: (O mo tonetse mahlo) Ke itse o bue feela monna! Tlohela ho potoloha jwalo ka lebidi la terekere. Bua feela.

TAHLEHO: (O a kgohlola) Monna, mane hoteleng moo ke sebetsang teng, ho fihlile pabala ya thope. Twadi hara barwetsana moshaana. Ke re jwale ha ke sa tseba ngwana monna.

LEHLOHONOLO: (O maketse) O reng na wa thaka? O re o mpatletse kgarebe moo hoteleng? Na ebe re tla hie re utlwane tjee weso? Ke sa tla ke ke mmone. Ke o bolella nnete.

TAHLEHO: jwale o phofa hantle tsatsi le tjhabile monna. Ke mang ya itseng o o batletse kgarebe? Kgarebe eno ke ya ka monna. O ntse o mmametse? Ke re kgarebe eno eo ke buang ka yona ke ya ka, nna Tahleho. Na o ntse o nkutlwa hantle monna? (O beha letsoho seledung)

LEHLOHONOLO: (O maketse) Ha ke sa utlwisisa jwaie wa mphato. Ke re ho hang ha ke sa utlwisisa. Ke o bolella nnete. Tahleho: Ke eng ntho eo o sa e utlwisiseng? Mpolelle yona ke tswe ke o hialosetsa. Ha o utlwisise eng?

LEHLOHONOLO: Ao, wa thaka, athe le wena o ntse o le mahlo? Kesiilwe jwale o reng ka yena? O se ke wa mmakatsa Tahleho. Ha se wena ya tswa mpolella maobanyana mona hore ho se ho se hokae o nkela Kesiilwe lapeng? Na ha se wena?

TAHLEHO: Tjhe, moo o bua tsa ka, empa monna ke ho tona mahlo. Ha ho tsejwe monna. Ke nnete hore ke ne ke ikemiseditse ho nyala Kesiilwe. Empa, jwale ha ke sa tseba.

LEHLOHONOLO: Kgele! Tahleho, o batla ho reng jwale? O bolela jwang ha o re o ne o ikemiseditse? (O ingwaya hlooho)

TAHLEHO: Ke re ke ne ke ikemiseditse hobane ha ke sa ikemise-ditse. Ho robala ke ho fetoha

Enjoying the preview?
Page 1 of 1