Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Phumola Dikeledi
Phumola Dikeledi
Phumola Dikeledi
Ebook89 pages27 minutes

Phumola Dikeledi

Rating: 0 out of 5 stars

()

Read preview

About this ebook

Mabaka a teng a bohloko le a thabisang. Haholo ha ke hopola bothata ba bophelo bo re fetileng ho bona, naheng ena ka lebaka la kgethollo, le mo re leng teng kajeno pusong ya tokoloho Aforika Borwa.

Ha re ruteng bana ba rona hore tokoloho re e sebeleditse ka thata, ha e ya itlisa; empa e sebeleditswe. Ke tokelo ya rona ho phumola dikeledi tsa thabo ka se re se fihlelletseng, re itlhomphe, re thusane ho ntshetsa naha ya rona pele le ho e boulella.

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateNov 28, 2017
ISBN9781415461150
Phumola Dikeledi

Related categories

Reviews for Phumola Dikeledi

Rating: 0 out of 5 stars
0 ratings

0 ratings0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Phumola Dikeledi - LFT Semanamana

    Tho! Tho! Tho! Tho! Thoo!

    Tsa rotha tsa phalla dikeledi,

    Mahlo a hao, a kopotsa didiba,

    Ha o iketse, ke pelo e bohloko,

    Se e dumelle phumola dikeledi.

    Pelo e imetswe ha o iketsisi

    E a kgera, e a balabala

    E tshela mawatle, e tlola dithaba

    Fubeng sa hao, e a ubauba]

    Phumola dikeledi, di tle di ome.

    Ho molemo o lle o tle o fole,

    Pelo e bohloko e tle e tele,

    Keledi di tsholohe, di phorosele,

    E be mmusapelo, bohlokong ba pelo,

    Phumola dikeledi, di tle di ome.

    Di teng tsa thabo dikeldi,

    Tsa dintle tsa teboho tsa monyaka,

    Mohla o lalang o imakaletse,

    Ho tlile jwang, o fumane katleho,

    Phumola dikeledi, thala, o keketehe.

    Di na le molemo di fodisa pelo,

    Di o tlisetsa thabo o imakalle,

    O hloke mantswe a ho iteboha,

    Boroko o lale o sa bo hlotha,

    Ha di rotha, di phumole dikeledi.

    2. O mo tshepisa mang?

    Jo! O tlallane lerato le o feletse,

    O re: Ke kgokgo ha o sa mo rata,

    Hara mathaka o a o theola,

    O tena potsotso o a kwakwaila,

    Ke mamodukule mohloka thopola,

    O mo supa dipha o bala dikodi

    Mpollele o mo tshepisa mang?

    O mo hwibitse habo e le pabala

    E le setsoto thakeng tsa hae

    Mohaladitwe palesa ya hlabula

    Wa re kgaodisa hoja re mo tjametse

    Pelo tsa uba ra itshwara dinala

    Ra tshwara hlolo ka boya ra sarelwa

    Mpolelle o mo tshepisa mang?

    Tshepisong tsela o kwenehile

    Ratong lela la mohla monene

    Ha o ne o mo kgakga le borokong

    Setshwantsho se robala mosamong

    Motsamaisi wa poso a matha patlaka

    Ha le bajilwe a nkuwe ke mang?

    Mpolelle o mo tshepisa mang?

    Thotholokwana ya ofela lapeng labo

    E tlola seven days a rwala keisa

    A thella sa pitsi ya setala

    O re: E tlole kgokgotsi ya mehleng

    Mme ha e pala ha o sa e rata

    Mpolelle o mo tshepisa mang?

    O bone ofe o re bolelle

    Ya o lebatsang kano o di entse

    Kapa o jesitswe somolandela

    E hlolang e bolelwa matsemeng

    Ha o heletsa mokhukhu o o hlomile

    Wa hao jwale a nkuwe ke mang?

    Mpolelle o mo tshepisa mang?

    Tadima maadingwana a lona

    Ha a fata meqomong o phela

    Empa o ba tlisitse bophelong

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1