Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Sehlekehleke Sa Deidro
Sehlekehleke Sa Deidro
Sehlekehleke Sa Deidro
Ebook238 pages3 hours

Sehlekehleke Sa Deidro

Rating: 0 out of 5 stars

()

Read preview

About this ebook

Chikano o ile a potoloha Sehlekehleke sa Deidro ka helikoptara empa a sa kgone ho fumana seo a neng a se tsoma ho fihlela a hwehlwa ke motho ya tenneng diaparo tse tshweu. Ramaqiti e leng moetapele wa Bana ba Phiri o amohela Chikano le Mpafudi ka kamohelo e mofuthu le ha empa e le ya boikaketsi. Chikano o qetella a tshwerwe ke Ramaqiti, mme ho bonahala eka bobe bo hlotse botle.

LanguageSouthern sotho
PublisherVia Afrika
Release dateSep 22, 2017
ISBN9781415452509
Sehlekehleke Sa Deidro

Related categories

Reviews for Sehlekehleke Sa Deidro

Rating: 0 out of 5 stars
0 ratings

0 ratings0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Sehlekehleke Sa Deidro - VT Masima

    Buka ena e ngotsweng ke Tshepo Victor Masima eo sehlooho sa yona e leng SEHLEKEHLEKE SA DEIDRO, e tla thusa mmadi ho ba le tsebo e batsi ya ho sekaseka le ho ananela buka ya mofuta wa padi kapa nobele. Ka mokgwa ona,

    o tla ba le bokgoni ba ho fihlella diqeto tse nepahetseng mabapi le ditaba tsa buka ekasitana le diketsahalong tsa bophelo ka kakaretso. Ho feta moo, buka ena e tla fana ka monyetla wa hore mmadi a e bale ka kutlwisiso le botebo bo tla etsa hore a se ke a e okola feela a ba bile a e beha kwana ka kgopolo ya hore o e utlwisisitse. Tataiso ena ya buka e tla latela, e tla thusa baithuti ho itokisetsa ditlhahlobo ka katleho. Hona ho tla kgonahala kaha kutlwisiso ya bona ya buka e tla be e tataisitswe ho tloha qalong ho isa pheletsong ya yona ka mokgwa o latelehang le o utlwisisehang.

    Tlhahisoleseding ka mongodi wa bukale bongodi ba hae

    Tshepo Victor Masima o hlahetse sebakeng sa Ha-Sibi seterekeng sa Matatiele ka 1955. Dithuto tsa hae tsa mathomo o di qadile Prospect Combined School ka 1961 hona Ha-Sibi, mme a ya ntshetsa pele dithuto tsa hae Moshoeshoe High School e Ha-Tlali, Matatiele.

    Ka mora ho fumana Lengolo la hae la Materiki ka 1975, o ile a ya ithuta Yunibesiting ya Fort Hare moo a fumaneng Lengolo la B.A. ka selemo sa 1979 le la Library and Information Science (BBIBL) ka 1989. Ho tsa tshebetso, mongodi e bile mosuwe sekolong sa botitjhere sa Lerela-Tshepe, Qwaqwa ka 1981. Ho tloha moo, o ile a nna a rupella dikolong tse ngata tse kang Tseki High School, Qwaqwa, Sterkspruit High School, Sterkspruit ho fihlela a be a kgutlela Fort Hare bakeng sa ho ithutela Librarianship. Ka mora ho sebetsa selemo se le seng Polokelong ya dibuka ya Setjhaba Mthatha ka selemo sa 1991, mongodi o boetse a kgutlela ho tsa thuto mme a rupella puo ya Sesotho St John’s College ho tloha ka selemo sa 1992 ho isa ho 1995. Mongodi o kgutletse hae habo Matatiele moo a fihlileng a rupella dithuto tsa Sesotho le Senyesemane Maluti Senior Secondrary School – e leng moo a ntseng a sebetsa teng le jwale.

    Mongodi wa Sehlekehleke sa Deidro o qadile ho ngola dibuka ka selemo sa 1985 e le ha a ne a iteka boqaping ba ho ngola. O qadile pele ka ho qapa meqoqo eo mookotaba ya yona e ne e le bobe ba puso ya nako eo ya Apartheid. Le ha ho le jwalo, mesebetsi ena e ile ya fella feela moyeng ka ha mongodi a ne a sa ikemisetsa ho e phatlalatsa. Hona ka nako eo mongodi o ile a ngola buka ya dipale tse kgutshwane tseo mokotaba wa tsona e neng e le mefokolo ya botho. Mosebetsi ona le wona haesale o nyamella ho baphatlalatsi ba neng ba bolela ha o lahlehetse hona moo.

    Mongodi o boetse a etsa boiteko bo bong ba ho ngola buka ka 1987. Buka ena o e ngotse ka puo ya Senyesemane tlasa sehlooho sa ‘The Island of Deidro’ eo ho yona a neng a ngotse ka ditaba tsa bohlwela feela, empa a kgathala matla ha baphatlalatsi ba hana ho e phatlalatsa. Le ha ho le jwalo, o ile a fetolela buka ena Sesothong ka 1997 ka mora hoba a kgothaletswe ho etsa jwalo ke moena wa hae, Tebello. Ke ntho ya bohlokwa ho hlalosa hore nakong eo mongodi a neng a fetolela buka ena Sesothong ka yona, o ile a fetola mokotaba wa yona, mme a ngola ka bobodu boo a neng a bona bo etla bo tobile naha ya Afrika- Borwa. Ke ka hona buka ena e buang ka bobodu e le tshiya ya ditaba tsa yona.

    Tshebediso ya buka ya Sehlekehleke sa Deidro

    Tataiso ena ya Sehlekehleke sa Deidro e ngotswe ka dikarolo tse tharo, e leng tsena tse latelang:

    1. Selelekela

    Karolong ena re fumana:

    • Nalane ya mongodi hammoho le mabaka a kgwephetseng thahasello ya hore a ngole buka ena,

    • Nalane ya tikoloho eo ditaba tsa buka di nkang sebaka ho yona,

    • Mokgwa wa ho bala buka ya padi,

    • Tlhaloso ya dintlha tsa ho ananela buka ya padi, le

    • Ditshebeletso tsa ka phaposing ya boithutelo tsa ho lokisetsa baithuti ho bala ka kutlwisiso.

    2. Tlholoso ya kgaolo ka nngwe

    Tlhaloso ena e fana ka:

    • Kgutsufatso ya ditaba tsa kgaolo eo o qetang ho e bala, le

    • Tekolo ya ditaba tsa kgaolo eo o qetang ho e bala

    3. Tlhahlobo ya kutlwisiso

    Ena karolo ke e fanang ka:

    • Ditshebeletso tsa phaposing ya boithutelo tse malebana le kgaolo ka nngwe e baduweng. Mona baithuti ba tsepamisa tjantjello ya bona hodima dintho tse kang poloto, mokotaba le maikutlo a mmadi.

    • Ditshebeletso tsa boikwetliso le boikgopotso.

    • Dipotso tsa ditlhahlobo tsa kakanyo.

    • Dimemerandamo tse fanang ka dikarabo tsa dipotso tse botsitsweng.

    • Tlhaloso ya mantswe a sa tlwaelehang kapa a matjha puong ya Sesotho. Tlhaloso ena e etswa kgaolong e nngwe le e nngwe ya buka.

    Selelekela sa ditaba tsa buka

    • Buka ena ke boiteko ba mongodi wa yona ba ho ipupisa le dinako tse fetofetohang tsa setjhaba sefe kapa sefe. Afrika – borwa ke naha ya merabe e mengata e fapafapaneng, eo dipuo tsa yona di fapaneng ho ya ka setso le botjhaba ba tsona. Le ha ho le jwalo, merabe ena yohle ke yona e bopang setjhaba se le seng sa Afrika – Borwa. Sena ke setjhaba se ke keng sa kgetholwa kapa hona ho aro-arolwa ka dipuo tsa merabe ya sona. Ka lebaka leo, buka ena ha e a rerelwa ho balwa ke Basotho feela, empa ke batho bohle ba ka bang le hona ho e bala ka puo eo e ngotsweng ka yona – e leng Sesotho.

    • Matsapa a mongodi a ho ipapisa le dinako ha se hakalo ho thunthetsa mekgwa ya ho phela ya batho ba seng ba hodile kapa hona ho seolla batho ba kileng ba e ba pusong ya setjhaba le ha e le batho ba busang kapa bao e leng hona batla busa. Sepheo le morero wa buka ena ke ho nanabela le hona ho ama maikutlo a batjha malebana le naha ya bona – ka moo e leng ka teng le ka moo e ka nnang ya e ba ka teng nakong e tlang.

    • Ena ke kgothaletso ho batjha ho ba le kgahlamelo ya boAfrika bo maemong a hodimo a tswelopele ekasitana le ho leotsa tjantjello ya bona ho bokamoso ba bona ka ho nahana le ho etsa dintho ka bonono bo tla etsa setjhaba se nang le boiphihlelo ba kgethollo mahareng a botle le bobe.

    • Ke ka hona puo e sebedisitsweng bukeng ena e le puo e bonolo le e otlolohileng, le e sa kgabang ka mantswe le ha e le dipolelo tse thata tsa puo ya Sesotho – haholo ha e le mona ditaba tsa yona di nkwa di tla be di etsahala nakong e ka bang halofo ya mongwahakgolo ho tloha jwale.

    • Mabitso a batho le a dibaka a hlahellang bukeng ena ha se a Sesotho feela kapa a dibaka tsa Basotho feela, empa a akaretsa mabitso ohle a mefutafuta ya merabe e teng Afrika-e-ka-borwa le e hopolehang hore e tla be e ntse e le teng nakong eo ditaba tsa buka ena di tla beng di tshwanela ho qala ka yona. Ha e le mabitso a dibaka ona, ke a dibaka tseo mmadi a ka hopolang hore ha a di tsebe, athe o a di tseba kapa a nahane hore ke dibaka tseo a di tsebang hantle, athe ke tseo a sa di tsebeng ho hang.

    • Hona ho etsahala ka lebaka la hore mabitso a sebedisitsweng bukeng ena e le a boiqapelo le ha a bonahala a tshwana le a batho le dibaka tse tsejwang. Lebaka le leng e ka ba la hore meedi ya dinaha le mabitso a tsona, le yona e fetoha le dinako. Mabitso le disebediswa tse itseng le tsona di Afrikantswe. Tjhelete ya Afrikania e bitswa PROTEA, e leng semela sa botjhaba sa Afrika-Borwa. Tlhapikepe ya Afrikania le yona e rehelletswe ka phoofolo e tsebang ho fokgotsa tlasa lefatshe e leng Thakadi, ha koloi e majabajaba ya motsamaisi wa hotele e bitswa ‘Setsokotsane’ ka lebaka la lebelo la yona le phahameng.

    Bohlokwa ba pale ya Sehlekehleke maphelong a rona

    Buka ya sehlekehleke sa Deidro e hlokolotsi haholo maphelong a Ma- Afrika Borwa, haholo a kgonang ho bala puo ya Sesotho. Bohlokwa ba yona ho babadi:

    • Ho phahamisa maeomo a Kontinente ya Afrika ka bophara ba yona.

    • Ho lemosa setjhaba – haholo batjha ka diketso tse kotsi setjhabeng.

    Ke nnete hore Afrika haesale e le lefatshe leo esale le kgellwa fatshe ke mafatshe a Bophirimela a bokoloniyale. Ka nako ya bokoloniyale, Kontinente ena ho ne ho thwe ke ‘Kontinete e lefifi’. Kgopolo ena e nnile ya tswela pele le ka nako eo mafatshe a Afrika a se a fumane boikemelo. Ditjhaba tsa mafatshe ana di nnile tsa nyefola Afrika ka ho hloka tswelopele, ha e se feela ho ipokellela matlotlo ha baetapele ba mafatshe a ikemetseng a Kontinente ena. Dikgopolo tsa mofuta ona di sa ntse di rena le kajeno la mamkajeno. Sehlekehleke sa Deidro ke teko ya ho suthisa le ho fiela mehopolo e mebe ya ho ikgella fatshe ha Ma-Afrika a mangata, ho kenyelletswa le a lefatshe la rona le kgabane la Afrika-Borwa.

    Buka ena e ruta Ma-Afrika-Borwa ho ithata jwalo ka batho hobane ba kgona ho ikgodisa le ho kgema le dinako tsa tswelopele jwalo ka ditjhaba tsohle tsa lefatshe. Hona ho hlakiswa ke boteng paleng ena ha meaho e majabajaba, disebediswa le dibetsa tse tswetseng pele hammoho le ditlhapikepe (submarines) tse tsamayang ka matla a nyutleleya (nuclear). Hona ho supa ho se itheke merwalo ha Ma-Afrika ha ho tluwa ho tsa thekenoloji e seng e le maemong a hodimo haholo lefatsheng ka bophara ba lona, le eo e tla beng e se e le hodimo haholo ka dilemo tsa bo- 2040 le bo-2050.

    Bohlokwa bo bong ba buka ena ke ba hore e ruta le ho lemosa setjhaba, haholo batjha, ka tsebediso e mpe ya dipolotiki. Ena ke tshekamelo ya batho ba dipolotiki eo e sa leng e le teng ho tloha tshimolohong ya puso. E bile teng dinakong tsa ho feta; e ntse e le teng le kajeno; mme e tla nne e be teng le mengwaheng e tlang. Bukeng ena kotsi ya tshebediso e mpe ya matla a dipolotiki e hlahella ka mokgwa wa manyofonyofo le bobodu bo futuhetseng setjhaba ka ditsela tse ngata.

    Bobodu bona bo hlahella bo tla be bo le matla hoo bo tla beng bo le teng ditulong tse phahameng tsa puso, boetapeleng ba sesole, boetapeleng ba tsa bohlwela, le boetapeleng ba tsa Lentswe la Modimo.

    Mopresidente Monnakgotla wa Afrikania le matona a hae ba bonahala ba ikemisetsa ho lwantshana le dikweta tse bitswang Bana ba Phiri ka tshusumetso ya ho tshaba ho hloleha dikgethong tse tlang. Hona ho bolela hore ebang e ne e se ka dikgetho tsena, Mmuso wa hae o no o ka nna wa tlohella setjhaba mohaung wa dilalome tsena. Motsamaisi wa sesole sa Afrikania, Moborigadiri Ramaqiti, ke motsamaisi ya ka sehloohong wa Bana ba Phiri, athe Moatimerale M.M. Makhanda yena o bolela ha a na le bokgoni ba ho diha le ho hlomamisa mebuso e ratwang ke yena (leqephe 14). O bolela hape ha a na le bolokolohi ba ho nka bophelo ba mang kapa mang ya tshwenyang. Ka nqa e nngwe, Mobishopo Biala le Sister Ruth bao e leng batsamaisi ba ‘Lentswe’, ke ditho tse phahameng tsa Bana ba Phiri mme mesebetsi ya bona e mebe ke e nyarosang ruri!

    Tshusumetso ya nalane paleng ya Sehlekehleke sa Deidro

    Dinaha tsohle tse bolelwang nobeleng ya Sehlekehleke sa Deidro, e leng moo ditaba tsa pale di etshahalang ho tsona, di theilwe hodima dinaha tsa Afrika- e¬ka- borwa le ha feela mabitso a tsona e se a dinaha tsena. Mabitso a dinaha tsena a qetella ka ‘-nia’ ho latela tshekamelo ya mafatshe a Afrika-e-ka-borwa ya ho rea dinaha tsa ona mabitso a qetellang ka ‘-nia’ ena. Lefatshe la Afrika Borwa le ne le ka nkwa e le le ikamahanyang le tshekamelo ena ebang le ne le rehwa Afrikania ka ha e le lona la ho qetela ho fumana tokoloho ho bokoloniale le ho supa phethahalo ya tokoloho le boipuso ba Afrika kaofela.

    Sebopeho sa nobele

    Nobele e ngotsweng ka puo ya Sesotho e na le sebopeho sa nobele se ikgethileng jwalo ka dinobele tse ngotsweng ka dipuo tse ding. Ke sengolwa se theuweng hodima ditshiya tse kang poloto, tulo, baphetwa, mokotaba le puo le setaele sa mongodi.

    a) Poloto

    Poloto ya nobele ke tatelano ya dikatsahalo tsa pale ho tloha qalong ho isa qetellong ya yona. Ena ke thapo e telele ya diketsahalo eo mongodi a e lohang ka bonono le ka tshebediso ya malebaleba a mangata ho ipopela diketsahalo tse qholotsanang ho fihlela tharollo ya qaka kapa diqaka tse itseng e fihlellwa. Bukeng ya Sehlekehleke sa Deidro poloto e hlahiswa ke tsitlallelo eo botle bo nang le yona ya ho hlola bobe. Lebotho la tsa bohlwela le bitswang LENGAU, ka mohlanka le mosebeletsi wa lona, Chikano, le lwantsha diketso tsa mokgatlo wa dinokwane o ipitsang ‘Bana ba Phiri’ ho fihlela le o hlola. Mona Chikano o sebedisa masene le sebete seo a nang le sona ho tsomana le Bana ba Phiri le baetelli-pele ba wona ho fihlela ditaba di mpefala hoo ho bonahalang hore di fihlelletse sehlohlolong ha a se a iphumana a le selaong sa Ramaqiti eo a neng a sa tsebe le hore ke yena moetapele wa dinokwane tsena.

    Ho ile ha mpa ha etsahala ka tshohanyetso hore tharollo ya ntwa e pakeng tsa Chikano le Ramaqiti e be e thipolohong ho tsubellela tlase ka karohano ya bona ho se ya hlotseng ntweng ya bona. Hona ho ka nna ha bolela hore baphetwa bana ba ka nna ba boela ba teana sebakeng se seng se itseng moo ba tlang ho ntshetsa ntwa ya bona pele ho fihlela e mong ho bona a hloleha tlholo kapa a ikhapela tlholo.

    b) Tulo / sebaka sa diketsahalo le bodulo

    Ka tulo ya pale ho bolelwa moo ditaba tsa pale di etsahalang ho sona. Mona re fumana e le Sehlekehlekeng sa Deidro eo e leng karolo ya naha ya Afrikania. Le ha ho le jwalo, mmadi o tla elellwa hore baphetwa ba tletsatletse mafatsheng a Afrika-e-ka-borwa e leng moo ba tlatlapang diphofu tsa bona teng. Ka lehlakoreng le leng, Chikano le yena o tlalatlala le mafatshe ana ka teko ya ho fumana dinokwane tsena tsa Ramaqiti ho fihlela bobedi ba bona ba ilo fella Sehlekehlekeng se bitswang Deidro.

    c) Baphethwa ba pale

    Hangata pale ya nobele e ye e be le baphetwa ba ka sehlohong ba bararo. E mong ho bona e ba molwantshuwa eo e leng yena eo hangata a hlahellang a tsekiswa ho lwanela kapa ho emela nnete le toka ha hae. Bukeng ena mophetwa ya jwalo ke Chikano. Ho ye ho boele ho be teng molwantshi eo e leng yena ya lwantshang molwantshuwa ka lebaka la hobane a ka phatsamisana le bobe bo etswang ke molwantshi ho ditho tsa setjhaba. Mophetwa wa mofuta ona bukeng ena ke Ramaqiti eo a ikemiseditseng ho fiela le ho hlakola ntshonyana e mo emang ka pele mesebetsing ya hae e mebe.

    d) Mokotaba wa pale

    Pale ya nobele e ba le mokotaba o tomanyana o tjhatjhametsang diketsahalong le dipuong tsa pale ho fihlela pheletsong ya yona. Ho Sehlekehleke sa Deidro ho ka thwe moko wa ditaba (seo mongodi a ratang re se tsebe maphelong a rona) ke ka moo bonokwane e leng ntho e matla ka teng ho

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1