Discover millions of ebooks, audiobooks, and so much more with a free trial

Only $11.99/month after trial. Cancel anytime.

Mofetsé
Mofetsé
Mofetsé
Ebook240 pages1 hour

Mofetsé

Rating: 0 out of 5 stars

()

Read preview

About this ebook

Palo ea Baloetse ba Mofetsé e ntse e hola, lefatséng lohle, ‘me linaheng tsa Afrika ho shoa batho ba bangata ke boloetse bona. Mabaka a liphetoho tsena a fumanoa habonolo : Batho ba fihlang Botsofeng ba eketsehile, leha re utloa litlaleho tse fapaneng. Lenane la Bakuli ba hlahlojoang Lipetlele, moo ho fihlang Baloetse ba seng ba hloleha, lea hola. Mekhoa ea ho sibolla Mofetsé ka hlahlobo e ntse e tsoela pele. Ho bonahetse ho le molemo, ho leka ho hlalosa Boloetse ba Mofetsé ka Puo eo Bakuli ba e utloisisang, ba tsebe ho elelloa ka matjeke ha boloetse bo simolla, ‘me Pheko e fumaneha habonolo.
LanguageSouthern sotho
Release dateDec 29, 2014
ISBN9783738686791
Mofetsé

Reviews for Mofetsé

Rating: 0 out of 5 stars
0 ratings

0 ratings0 reviews

What did you think?

Tap to rate

Review must be at least 10 words

    Book preview

    Mofetsé - Tséliso Maseela

    MOFETS’E

    LENANEO

    Hlakiso

    Khaolo ea Pele :Temana ea Ntlha - Litho tsa ‚Mele

    Temana ea Bobeli - Likahare

    Khaolo ea Bobeli

    LETLALO

    HLOOHO - Mahlo, Nko, Molomo, Litsebe.

    MOLALA - Mahetla, Liphaka,

    SEFUBA - Mats’oafo, Pelo, ‘Metso.

    MPA - Moholu, Qaati, Sebete, Nyooko, Manyeme, Mala, Mohlehlo, Lehlakana, Mosono, Mosima.

    LETHEKA - Lebete, Liphieo, Senya, (Popelo/Kooma).

    SENANA - Botona / Bots’eali.

    MALI - Lihlopha, Bokuli .

    MASAPO

    MESIFA

    Khaolo ea Boraro

    Lenane la Maloetse a bakang Lefu ( Ka Hlahlamano ).

    Lipha tse atisang ho kenoa ke Mofets’e.

    Bopaki ba Mofets’e : Moneto, Seipone, Motsoepo.

    Pheko ea Mofets’e : Thipa, Mochine, Methokho.

    Khaolo ea Bone

    MOFETS’E - Hlaloso / Hlahlobo / Hlaolo.

    LITHO tse kenoang ke Mofets’e ( ka Bonngoe ).

    HLOOHO le ‘MELE

    LIKAHARE

    LILIBANA tsa ‘MELE

    MASAPO le LINAMA

    LITS’OELESA

    MOKO le MOKOLLA

    MALI

    LETLALO

    BANA

    MEHLOLI ea MOROTO

    LITHO tsa BOTONA

    LITHO tsa BOSALI

    Khaolo ea Bohlano

    KOKOBETSO : Mathata, Booki, Makhatha.

    HLAKISO

    Pele re ka shebana le Boloetse bo bitsoang Mofets’e, re t’soanela ho tseba litho tsa ‘mele, le hore na li sebetsa joang, hona li amana joang. Mohlalefi emong o ne a re : "Se kotuloang monongoaha ke tholoana ea se jetsoeng ngoahola, ‘me ke peo ea se jaloang kamoso".

    Bongata ba batho ba kulisoang ke Mofets’e, bo phahame haholo, ‘me boholo ba bona bo shoa bo sa tsebe hore bo na le ona, kaha ba ngolisoang lipetlele baa fokola. (WHO – Statistics for Lesotho and South Africa).

    Ekaba phoso, ho nahana hore mofets’e ke boloetse ba mehla ea sejoale-joale feela, bo tlisoang ke mesebetsi e mecha, le lijo tse sa lokang.‘Nete ke hore, Mofets’e o tsebahetse ho tloha boholo-holong. Ha Ma-Egepeta a simolla ho ngola, lilemong tse fetang 2000, pele ho tsoalo ea Jesu, a hlalositse boloetse boo, a ba a fana ka likeletso, malebana le pheko ea bona.

    Ha mothei oa Pheko ea sejoale-joale, oa le-Khirike, ea bitsoang Hippokrates, (406 Pele ho Tsoalo ea Kreste), ea ithutileng bongaka Egepeta pele a thea Sekolo sa hae Kos, a hlalosa mofets’e, o ne a o tsóantsé le lekhala (Krebs/Cancer). O ne a bona likuru tse makala, li fetelletse, li se li kene lithong tse haufi - tje ka mofets’e oa Letlalo kapa oa Matsoele. Bibeleng, ho baloa moo Paulosi a reng mantsoe a baikaketsi a ts’oana le mofets’e. (2.Timotia 2, 17). Ho tloha mehleng eo, ho fihlela kajeno, batho ba ntse ba hloloa ho lumellana ka pheko ea boloetse bona. Esita le lingaka tsa lipetlele tse kholo, li fapana ka maikutlo - Thipa, Mochine kapa Methokho !

    Thipa e bolela ho sea seso kapa kuru e kenoeng ke Mofets’e, le hona ho nt’sa setho se amehileng. Mochine ke ho bea mokuli tlas’a mahlaseli a tlabolang moo mofet’se o holang teng. Meriana eona e kena maling, e tsamaee le ‘mele kaofela, ho loant’sa le ho bolaea malinyane a mofet’se, moo a lutseng.

    Maikutlo a hore Mofetsé o ka phekoloa ka mekhoa emeng, ntle ho ena, ke ho ithetsa le ho ferekanya Mahlatsipa a Boloetse bona bo bolaeang. Ho leka ho loantsá Matsóaho kapa Boitlaleho ba Mofetsé, hangata ke ho fepela Monamo.

    Khaolo ea Pele

    1. Temana ea pele : LITHO TSA ’MELE :

    2. Temana ea bobeli : LIKAHARE

    Khaolo ea Bobeli

    LETLALO

    ‘Mele ohle oa motho o aparetsoe ke letlalo, le sireletsang hore metsi kapa likokoana-hloko li se kene nameng kapa maling. Le sireletsa hore nama e seke ea omella, e seke ea chesoa ke letsatsi; haholo hore ‘mele o seke oa hatsela, kapa oa kenoa ke likokoana-hloko. Letlalo lena le fapana ka bonolo le bothata, ho ho ea ka karolo ea ‘mele, eo le fumanoang ho eona : Sefahleho, Selelu, Lehata, Molala,‘Mele, Marete, Malebe, Liphaka, Matsoho, Liatla, Maoto, le Linyao. Hape le fapana ka botebo le ka boea bo melang ho lona: Moriri, Litelu, Mohoete kapa Maboea. Le bonolo libakeng tse ling, le boreleli moo ho sa meleng boea. Le tseba ho saroloha, le sa tabohe. Ha le ka thakhisoa, le ka kupetsa batho ba bane, ba paqame. Letlalo le tletse litsenene, tse tsebang ho hlabolla se thetsang mele, se hatellang, se sehang, se chesang kapa se hatsetsang, eleng: litsenene tsa thetso, khatello, moseho, mocheso, serame esita le botsikinyane. Le sireletsa hape hore mahlaseli a letsatsi a seke a chesa methapo e mathang ka hará nama. Linaheng tsa Afrika, Amerika-Boroa, India le lihlekehlekeng tsa Atlantike ho ea fihla Australia le Polynesia, tsohle tse haufi le motsero oa bohare ba karolo ea Lefatsé, ho phela mehlobo e letlalo le lets’o, ha Ma-China, Majapane le boholo ba Ma-India le Ma-Arabia ba le basehlana joaloka Baroa (Ma-Khoisan).

    Makhooa a hloka ´mala letlalong, hoo bofubelu ba mali bo bonahalang habonolo. Ho thoe a masoeu ! Bosoeu bona re bo bona letlalong la Masoefe, leha ho ona e le ka lebaka la bokuli; letlalo la ona le sitoa ho bopa ´mala. Le hloka, ke hona, ts’ireletso mahlaseling.

    ´Mele oa motho o soola letlalo kamehla, ho fapana le lihahabi – tse soolang hang ka selemo. Ho bonoa hantle ka mafafatsane, ha letlalo le omeletse, kapa liphothula, ha motho a iphochola. Empa ´mala oa letlalo ha o tlohe. Liatleng le linyaong, tlas’a maoto, moo ´mala o fokolang, letlalo le letenya. Motho ea tsamaeang haholo ka nyao, o tsoa litlhabela, ha letlalo lena le omella. Ho na le metsero letlalong, e thusang ho saroloha. Liatleng le menoaneng, metsero ena e etsa litema, tse fapaneng ka batho ho fapana. Hona ho thusa ho hlalohanya motho ka mong.

    Kaha ho saroloha hoa letlalo ho fetoha le lilemo tsa ho hola, ha botsofali bo kena, lero le nameng le fokotseha, letlalo la boqhekung le ba masoebe. Ka tlase ho letlalo ho fumanoa mafura, ao botenya ba ona bo eang ka hore motho o fumana lijo tse kae, tse joang, le hore na o sebelisa ´mele hakae. Batho ba bang ba nka eka ke lefutso, eleng phoso e kholo. Boketa le Botenya ha li hlalosehe habonolo. Lintlheng tsa menoana ea matsoho le ea maoto, ho mela manala (linala) ho sireletsa menoana ha motho a sebetsa kapa a tsamaea. `Mala oa manala a hloekileng o thusa hangata ho bont´sa maemo a bophelo ba motho; hore na o fokolloa ke mali, na mat´soafo a phefumoloha hantle, kapa na sebete se ntse se atleha ho hloekisa mali. Sena se fumanoa le lithakeng tsa mahlo, tse nkang bofubelu kapa bosehla, ho ea ka bokuli ba motho.

    ‘Meleng ohle, esita le liatleng, linyaong le linkong, ho fumanoa lilibana tsa mofufutso, tse fapanang ka palo, sebaka ka seng. Le joalo, ho fapana boea bo melang letlalong, ka ho ea ka setho: moriri holima hlooho, litelu selelung le marameng a monna, lint´si mahlong, kapa maboea senaneng le ka mahafing. Ntle ho moo, ho mela mohoete o fapanang ka bongata ho batho ba fapaneng kapa mehlobo e arohaneng. O ka ba sekotlong, sefubeng, liphakeng esita le ‘momong. Ho na le batho ba lumelang hore ho ata le ho hola hoa mohoete ona, ho paka matla a botona ba monna. Ha ngoana a hlaha, ho bonahala mohoete o aparetseng ‘mele, hoohle, ntle le hloohong, moo ho metseng moriri, kapa liatleng le linyaong, moo letlalo le leng letenya. Mohoete ona o fapana ka mehlobo ea lefat’se, ho se t’soane. Ho na le mehlobo e tletseng mohoete o teteaneng. Ha ngoana a hola, a kena bohlankaneng kapa boroetsaneng, ho fihla liphetoho ‘meleng; ho mela maboea senaneng le ka mahafing, ho paka liphetoho tseo. Ho latela litelu, selelung le marameng a monna, le ka tlas’a nko. Hloohong, moriri o hola kapele, ´me ha o sa kutoe o etsa sehlotho. Maboea ha a hloke ho

    Enjoying the preview?
    Page 1 of 1